MATSHWAO: 70
NAKO: dihora tse 2
Pampiri ena e na le maqephe a 10.
PAMPIRI YA 1 (P1)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A:
KAROLO YA B:
KAROLO YA C:
Tekokutlwisiso 
Kgutsufatso 
Thutapuo le tshebediso ya puo 
Araba dipotso TSOHLE.
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Qala karolo e NNGWE le e NNGWE leqepheng le LETJHA.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa tema ka nngwe.
TEMA YA 1
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Genevieve Michel ke pulamadiboho basading ba ileng ba fumana lengolo la thuto e phahameng, la dikrii ho tswa SA Jockey Academy, motseng wa Summerveld haufi le Durban. Ke joki ya porofeshenale. O ile a boela a itshupa ha a ne a kenela mojaho wa bohlokwa wa J & B Metropolitan, Cape Town. A hlwa matsatsa a iketsetsa lebitso papading ena, e neng e tumme ka ho re ke ya banna, le hona ba mekgerane ba bakgutshwanyane.
Papadi ena e batla motho ya nang le lerato, maikemisetso le boitelo bo boholo. Hangata ho thwe moo lerato le leng teng, tsohle di ba bonolo jwalo ka sereledi. Matsatsing a tsheletseng ho a supileng bekeng, Genevieve o tsoha ka dialla hore a sebetsane le dikatola tsena tsa mojaho. Ha a ke ke a etsa jwalo, yena le tsona ba ka iphumana ba hula ka tlhako tsa morao mohla tlhodisano. O kenela mojaho habedi bekeng mme o ikwetlisa makgetlo a mane bekeng. Ruri kgomo ya boroko ha e yo!
Puisanong ya hae eo a ileng a e tshwara le Lisa Templeton, moqolotsi wa ditaba wa makasine wa Fair Lady, letsatsi pele ho mojaho oo wa J & B Metropolitan, Genevieve o boletse hore mojaho oo ke o moholohadi mme ka lebaka leo, le moputso oo joki e tla o hapa ke o thibang letsatsi. Potsong eo a ileng a e botswa malebana le ho re e be mohlodi e tla ba ofe, o ile a re: ''Pere ya mojaho e itshwanela hantle feela le sebapadi sa bolo ya maoto. Kajeno e ka ba morolo, ya ba le sehlahlo se makatsang. Feela ka le hlahlamang ya o makatsa, wa e fumana yona pere yane ya maobane, e se e le mopukunyane feela. Ka hoo he, mopalami ya tla hlola ke eo pere ya hae e tla tsoha e le lehala. Hosasa teng tangtang e tla kgangwa ke lerole.''
O boetse a hlalosa hore bonyenyaneng ba hae, o ne a dula a makatsa metswalle ya hae ka mehla hobane dipapadi tse ngata tsa bona bana, di ne di sa mo natefele hakalo, a bile a hloka le mamello ho tsona.
Feela o re ha ho ne ho tluwa dikatoleng, teng o ne a sa tswafe ho hlola letsatsi lohle teng a bile a lebetse le ho ja. Ha a ne a kgathetse ho palama pere eo e neng e le thatohatsi ya hae, o ne a ka mpa a dulela ho e borosola le ho e bapadisa ka ditsela tse fapaneng.
Ha a le dilemo tse leshome le metso e meraro, o ile a etsa kopo ya ho ba joki Akhademing ya joki empa taba ya hae ya boholwa ke dintja. Sello boholo e le sa hore boima ba hae ba dikilokgeramo tse 46, bo tla iphetola mokgokakgwale. Ho ne ho thwe ha a ntse a hola o tla nona a imele dipere.
Hore a be a amohelwe ho ile ha hlokeha tiisetso ya setsebi sa maro a hodisang mmele (endocrinologist) hore le ha a se a hodile, boima ba hae bo ke ke ba feta dikilokgeramo tse 50. Ka hobane e ne e le mosadi wa pele ho ba joki, o ile a hloka bodulo akhademing. Bodulo e ne e le ba banna feela mme ka hoo a ba a lokela ho ya dula le ntatae.
Le ha ho bonahala eka badimo ba habo ba eme le yena, empa bophelo sebakeng se laolwang ke banna feela bo ne bo se bonolo. Ka dinako tsohle o ne a lokela ho ba maemong a hodimo ho kgodisa banna hore o na le bokgoni. Ha a le dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, o ile a fumana tlholo ya hae ya pele peisong. Le ha ho le jwalo, ha a ikwahlahe ha a ile a latela lekala lena. Dilemo tse nne ka mora hore a kene akhademing, o ile a etsa histori ha a boela a itlhoma pele hore e be joki ya mosadi ya porofeshenale.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Kgoro ya Puo, M Hlabela et al, 2006: 108 - 109
DIPOTSO:
Genevieve o ne a hape mojaho wa hae wa pele ha a le mo kae?
Qotsa lentswe temeng le bolelang batho ba basesanyane mmeleng.
Seratswaneng sa boraro, mongodi o re: ''moputso oo joki e tla o hapa ke o thibang letsatsi.' Mokgabisopuo ona o bitswa eng?
Qotsa diketsahalo tse PEDI temeng ena tse tiisang hore Genevieve e ne e feela e le pulamadiboho ya nnete.
Ke polelo efe seratswaneng sena e re tsebisang hore morero wa Genevieve wa ho ba joki o ile wa nyopa qalong?
Ke sefe seo re ka reng e ne e le phephetso e kgolo ho yena mosebetsing ono wa hae wa ho beisa ka dipere?
Seratswaneng sa bobedi, qotsa polelo eo re ka reng e fupere mantswe ao e sephiri sa katleho ho seo motho a se etsang.
Se neng se etse hore Genevieve a qetelle a atlehile tabatabelong ya hae ya ho ba joki ke sefe?
Ho ya ka ditaba tsa tema ena, hlalosa kamoo tikoloho eo ngwana a holelang ho yona, e ka bang le kgahlamelo kateng ho seo a ka ratang ho se etsa bophelong.
Ho ya ka tema ee, o ka re mongodi o totobatsa mofuta ofe wa kgethollo/leeme o neng o le teng nakong eo? Nehelana ka lebaka la karabo ya hao.
TEMA YA 2
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Na o batla manyetse a foreshe, a bonojana ho tloha qoleng ho ya motsong wa ona? Iphumanele sehlahiswa sena se ritetsweng ka Oli ya Apolekose le Vitamini E. Ka ho panya ha leihlo mmala wa manyetse a hao o tla phatsima o qale ho ebesela, a ntjhafale e be setsoto! Ntjhafatsa setaele sa hao letsatsi le letsatsi!
E fa moriri wa hao ho benya ho tlokomang ka tsela e sa kgolweheng. Fomula ya yona e ikgethang, e nolofatsa le ho sireletsa moriri wa hao ka motswako wa yona wa dioli tse otlang moriri batho ba sale ba itse ahla!
SETAELE SA KA. TSELA YA KA!
Tema e qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Real wa Phato, 2008
DIPOTSO:
Bahlahisi ba sehlahiswa see ba hopotse ho hohela bomang setjhabeng ka papatso ee?
Bolela lepetjo la dihlahiswa tsena.
Hobaneng mabitso a dihlahiswa tsena a ngotswe ka mongolo o moholo?
Ho ya ka papatso ena, mesebetsi ya sehlahiswa se ka letsohong le letona ke efe?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa tema e latelang, e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 80 ho isa ho a 90 ka dintlha tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Letsatsi la sekama, meriti ya theha, ya feta Malekupa a ntse a sa bonahale ho fihla. Lesedi a qalella ho tshoha. Ebe Malekupa o ne a jelwe ke eng? Athe hoseng hola ha a ne a tsoha a se a ntse a kgenne, a ilo kena koloing, o ne a rerile ho leba kae na? Moo a neng a rerile ho ngalla teng o ne a tla fihla a re lebaka ke lefe?
Ho ferekaneng ha hae, o ne a phefumoloha haholo, a rabaraba, eka motho ya tshwerweng ke lefu la feberu. A kena ka tlong, a re o nka sejana sa letsopa rakeng, o a nwa, a se thesela ka letsoho ya ba se bjaramana fatshe. A nanabela jeke ya kgalase a re o kga metsi ka yona, ya monyoha ka hara matsoho, ya thueha, metsi a hasana hodima tapeiti.
Ka wona motsotso oo a utlwa modumo wa koloi mane mmileng. Yaba o mathela fensetereng e shebaneng le mmila. Ka baka la ho fihla moo a ntse a bua ka pelo , a thesela mmadikotwana eo Malekupa a neng a lemme thatohatsi ya hae ya palesa ka hare, mmadikotwana wa otlana fatshe, ha dubakana.
A bona mokeretlana wane o fihla o ema o nepane le ha hae. Lehlafi le ka letsohong le letshehadi ho wona la buleha, Malekupa a theoha. Letswalo la mo re he! A tlelwa ke ho makala le ho kgena. Le yena o ne a sa tsebe hore na letswalo leo le bakwa ke eng. Ha re a ilo mo nkisa mokotla, empa a phakisa a inyatsa ka ho re mohlomong Malekupa o tla mo phoqa. A ikgethela ho thola feela, a lebella seo Malekupa a neng a tla se etsa.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Mosikong wa lerato, TM Mafata, 1988/7: 17 - 18
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
TEMA YA 1
Bala tema ena o be o arabe dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse e latelang.
Ho ile ha buisanwa halelele ka taba ena ho fihlela ho ba ho fihlwa qetong. Lethoko o ne a sitwa ho utlwisisa hore na ke ka lebaka la eng ha a fumana bothata, ha a leka ho etsetsa bana bao e seng ba hae molemo. Hape o ne a sitwa ho utlwisisa hore na ke hobaneng ha batswadi ba bang ba sa ka ba tla kopanong ya mohlang oo. ''Banna, eseng hosasa ke tle ke ye ho bolella motsamaisi taba ee. Le teng haeba nka mmolella taba ena ebe ke lebelletse hore a etse eng ka yona, athe bana ha se ba hae ke ba batho ba hanneng ho tla kopanong? Nxa, e re ke se ke ka ya mmolella. Ke se ke tla bona hore na ke sebetsa taba ena jwang.''
Lethoko o ne a sa tsebe letho. Malomafodisa eo e neng e le yena motho ya neng a ba bontsha ditshwantsho tsa baesekopo mahala ka Mantaha, Laboraro le ka Labohlano, ke yena motho ya neng a kentse batswadi moya wa ho re ba se natse kopano eo; ba be ba be kgahlanong le ho ithuta ha bana dihoreng tseo tsa bosiu. Lebaka e ne e le hobane o ne a tla hloka bana ba tlang ho boha ditshwantsho tsa baesekopo eo a e bontshang. Lebaka la bobedi e ne e le hobane Lethoko o ne a sa mo rerisa ka ditaba tsa ho ithuta ha bana dihoreng tseo tsa bosiu.
Lethoko ha a fihla hae ho tswa kopanong, a fihla a kgathatsehile maikutlo ha bohloko. ''Hao, moratuwa! hobaneng ha o shebahala o sa thaba? Kwana le nna ke utlwa ke sa utlwisise hore na ke ka lebaka la eng ha ho ne ho ile batho ba mmalwa kopanong ena. Ke a belaela. Ruri ho na le batho ba leng kgahlanong le rona mona motseng ona.''
Sebolelo, ho thata ho boima, ho a nyolesetsa lerato la ka.'' Lethoko le Sebolelo ba ile ba dula fatshe, mme ba leka ho rarolla bothata bona boo Lethoko a neng a tobane le bona. Qetellong Lethoko a qeta ka ho re o tla qobella bana bohle ba kereite ya leshome le motso o le mong le ba kereite ya leshome le metso e mmedi ho tla balla sekolong ka dinako tse seng di boletswe. Kereite ena ya leshome le motso o le mong yona, o ne a re le yona e tle, e le hore e tle e se ke ya fumana bothata ka selemo se hlahlamang. Ha malomafodisa a lemoha hore Lethoko o qobella bana ho tla bala a tlalehela motsamaisi taba ena. Lekgetlong lena a hla a ala leleme phate e le ka nnete, hobane o ile a ba a bua Lethoko hampe. Ke ho re a hla a mo neta ka nthwena le nthwane.
Ha a se a le moo, a lemoha hore ntho ya hae e ntsho, a tswa a hoshola ka ofising ya motsamaisi. Selemong seo Lethoko a sebetsa ka thata ho ntlafatsa masingwana a sekolo, ka ha le ona a ne a lokela ho tla hlahlojwa pele selemo se fela.
Ha selemo seo se fela, bana ba Lethoko ba kereite ya leshome le metso e mmedi, ke ha ba pasitse tlhahlobo kaofela ha bona. Thabo ya Lethoko e ne e le e ke keng ya lekanngwa.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Ke tlile ke le feela, AE Molahlehi, 2006
DIPOTSO:
Lentswe 'halelele' polelong ena, 'Ho ile ha buisanwa halelele ka taba ena ho fihlela qetong', ke lehlalosi la mokgwa. Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o fetole sebopeho sa lentswe le ngotsweng ka masakaneng hore se supe lehlalosi la mokgwa. Ngola nomoro le karabo feela.
Lethoko o ne a fihle hae a kgathatsehile maikutlo (-holo) ke ketso eo ya batswadi.
Malomafodisa o ne a lekile (-ngata) ho kgelosa merero e metle ya Lethoko ya ho ntshetsa thuto ya setjhaba pele.
Nehelana ka malatodi (diantonime) a mantswe a ntshofaditsweng dipolelong tse latelang, e be o a sebedisa dipolelong tseo o ipopelang tsona.
Ho ile ha buisanwa halelele ka taba ena.
Bana ha se ba hae, empa ke ba batho ba hanneng ho tla kopanong.
Lentswe, 'batswadi' le supa bongata ba 'motswadi'. Nehelana ka bongata ba lentswe 'malomafodisa', e be o le sebedisa polelong eo o ipopetseng yona.
Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o qale polelo e nngwe le e nngwe ka lentswe le ntshofaditsweng.
Lethoko o ne a sa rerisa malomafodisa ka ditaba tsa ho ithuta ha bana dihoreng tseo tsa bosiu.
Lethoko a tlameha ho qobella bana ho tla bala dihoreng tseo tsa bosiu.
Lentswe 'mme' polelong ena, 'Lethoko le Sebolelo ba ile ba dula fatshe, mme ba leka ho rarolla bothata bona boo', ke lekopanyi. Tadima makopanyi ao o a filweng mona ka tlase, mme e be o a sebedisa dipolelong tseo o ipopelang tsona.
Kaha
Athe
Polelo ena, 'Lethoko o ne a sa tsebe letho ...' e temekisong ya tatolo/kganyetso. Fetolela dipolelo tsena tse latelang temekisong ya tatolo/kganyetso.
Lethoko o ne a sitwa ho utlwisisa hore na ke ka lebaka la eng ha a fumana bothata.
Selemong seo Lethoko a sebetsa ka thata ho ntlafatsa masingwana a sekolo.
Setho sa puo se takilweng mola polelong ena, 'Bana ha se ba hae ke ba batho ba hanneng ho tla kopanong', ke leamanyi. Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o fetole sebopeho sa lentswe le ngotsweng ka masakaneng hore e be leamanyi. Sehella leamanyi la hao mola.
Lethoko o ne a tadimane le taba (thata) e le ka nnete.
Lentswe 'ona' polelong ena, 'Masingwana a sekolo ona a ne a lokela ho hlahlojwa pele selemo se fela', ke leemedi. Tadima dipolelo tse latelang, mme e be o kenya leemedi le lokelang sekgeong se siilweng. Ngola nomoro le karabo feela.
Ha e le moya ... o ne o se o kentswe batswading mona.
Polelo ena, 'Ke ha bana ba Lethoko ba pasitse tlhahlobo kaofela ha bona', e ho lekgathe lephethi. Ngola dipolelo tsena tse latelang ho lephethi:
Lethoko le Sebolelo ba ile ba dula fatshe ho rarolla bothata boo.
Ke a belaela ke boitshwaro boo ba batswadi.
Bala dipolelo tse latelang ka hloko empa o fadimehetse moelelo wa lentswe le ntshofaditsweng. Sebedisa lentswe lena polelong eo o ipopelang yona ka moelelo o fapaneng le o hlahellang polelong ena.
Ke se ke tla bona hore na le sebetsa taba ena jwang.
Polelong e latelang, 'Motho eo o pelo e tshweu' lentswe 'tshweu' le sebedisitswe moelelong osele e seng wa lekgethi la mmala. Iketsetse polelo ka lentswe 'ntsho' empa le se sebediswe moelelong wa lekgethi la mmala.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
